Ho rarolla Tshibollo
DIKGAU TSA SELEMO LE SELEMO TSA TSHIBOLLO TSA LEFAPHA LA SETJHABA
Maikemisetso
CPSI e tsebisa ka Dikgau tsa bone tsa selemo le selemo tsa Tshibollo tsa Lefapha la Setjhaba tsa CPSI. Maikemisetso a dikgau ke ho ntshetsa pele le ho kgothaletsa tshebeletso e ntle ya tshibollo mokgeng wa mmuso le kabong ya ditshebeletso. Dikgau di ela hloko diprojeke tse atlehileng le tse sebetsang hantle haholo tsa kabo ya ditshebeletso le tshibollo e fihletsweng ka ho sebedisa mekgwa le disebediswa tsa tshibollo.
CPSI e batla ho keteka dikatleho tsa batho, tsa dihlopha le tsa mafpaha bakeng sa ho fihlela puso e sebetsang hantle haholo hape e nang le boikarabelo. CPSI ke mosebetsi o qadilweng ke Letona la Ditshebeletso tsa Mmuso le Tsamaiso, o theilweng bakeng sa ho hlwaya, ho tshehetsa le ho matlafatsa tshibollo ditshebeletsong tsa mmuso, ka maikemisetso a ho ntlafatsa kabo ya ditshebeletso.
Dikgau di fana ka dibaka tsa kabelano ya tlhahisoleseding, thuto ya boiphihlelo, tshebedisano le tlhahiso ya mesebetsi e atlehileng.
Ho tshwaneleha
Letsatsi la ho qetela la ditlhahiso ke 29 Loetse, 2006.
Projeke e tshwanetse ho thehwa kapa be e hlahisitswe mona ka hara naha ya Afrika Borwa.
Diprojeke di tshwanetse ho tswela Maafrika Borwa molemo ka ho toba.
Dikgau di buletswe mafapha a mmuso (ditshiya tsohle tse 3 tsa mmuso ) le tshebedisano pakeng tsa setjhaba, mekga ya poraefete le/kapa baahi kapa mekga ya baahi.
Projeke e tshwanetse ho sebetsa mmusong (mafapheng a naha le a diprovense kapa ho bomasepala).
Projeke e tshwanetse hore be e na le dilemo tse 2 kapa ka hodimo moo e le teng.
Dikgau di tla be di hlahiswa ka dihlopha tse latelang:
Mosibolli wa Lefapha la Setjhaba wa selemo
Tshebedisano ya Tshibollo kabong ya ditshebeletso
Tshebediso ya Tshibollo ya Thekenoloji ya Tlhahisoleseding (IT) mabapi le kabo ya ditshebeletso e sebetsang hantle haholo
Ntshetsopele ya tshibollo ho mekgwatshebetso ya ka hare mmusong
Diprojeke tsa tshibollo tsa kabo ya ditshebeletso tse amang mmuso wa Afrika Borwa ka tshebedisano le mmuso o mong wa SADC.
Dintlha tsa kgetho
Tshibollo:
Kakanyo ya Tshibollo kapa mohopolo o kentsweng tshebetsong ka katleho. Hona ho bolela mokgwa o kileng wa lekwa pejana.
Tshibollo ka hore ke ntho ya ?ho qala? mona Afrika Borwa kapa matjhabeng.
Sephetho:
Ho bontsha dintlafatso tse bonahalang ho boleng ba ditshebeletso tse abetsweng dihlopha tsa tsona tse shejilweng haholo; le ho kgona ho bontsha maemo a kgotsofalo ya dikhastama ka ditshebeletso.
E bontshe sephethosa bonahalang, e ka ba ka hara mokgatlo oo e tswang ho ona, kapa ka hara mokga, kapa setjhabeng ka kakaretso.
E be le sephetho se bonahalang hape se tlisang tshepo ka hara Afrika Borwa.
Tswelopele:
E bile tshebedisong dilemo tse pedi lefapheng la setjhaba.
E bontshitse bokgoni ba yona ba phethahatso, mme ho tshwanetse hore ho be le matla a kgolo phethahatsong.
E bontshitse bokgoni ba ho tswela pele, ke hore, bokgoni ba yona ba ho pholoha le ho atleha bokamosong (ikonoming le ntlheng e nngwe e tshwanetseng). Sephetho sa phedisano, ikonomi le tikoloho sa tshibollo morerong wa ka ntle se tshwanetse ho ba se etsang hore ho be le tswelopele lefatsheng lohle.
Melemo ya ho Kenela Dikgau tsa Tshibollo tsa Lefapha la Setjhaba la CPSI
Thupelo ya tsamaiso ya Tshibollo ho bahlodisani bohle e le ya boleng ba R20 000 (diranta tse dikete tse mashome a mabedi).
Mosibolli wa selemo o amohela 30 000 (diranta tse dikete tse mashome a mararo) ya leeto la ho ya ithuta dinaheng tsa matjhaba / hara naha.
Bahlodisani bohle ba fihleng ho makgaolakgang ba amohela setifikeiti mme bafenyi ba amohela mohope.
Bahlodisani bohle ba fihleleng ho makgaolakgang ba na le monyetla wa ho kenela Lenaneo la Ntshetsopele la Phethahatso la Taolo ya Tshibollo.
Batho bohle fihleleng ho makgaolakgang mmoho le bafenyi ba ile ba mengwa o kenela moketjana wa dikgau le balekane ba bona. Ditshenyehelo tsa bodulo le tsa leeto ke tsa CPSI.
Ho kenela dikgau tsa maemo tse pedi tsa matjhaba e leng tsa CAPAM le tsa UN.
Papatso: Bahlodisani bohle ba leng ho makgaolakgang mmoho le bafenyi ba ka lebellwa ho kenela dipuisano ka diprojeke tsa bona tlasa lenaneo la mmuso la BATHO PELE mmoho le ntshetsopele ya kabo ya ditshebeletso.
Ditataiso tsa Tlhahiso le Melawana
Ditlhahiso di tshwanetse ho ba ka Senyesemane.
Foromo ya tlhahiso e tshwanetse ho tlatswa ka nepo mme e be le tlhahisoleseding le dintlha ka botlalo.
Ditlhahiso tsa ho ngolwa ka letsoho ha di kgothaletswe, empa ha hona ho ke ke ha qojwa, ngola hantle ka ho hlaka.
Ke ditlhahiso tse rometsweng ka e-meile, tse positsweng le tse tlisitsweng ka letsoho feela tse tla amohelwa. Diforomo tsa tlhahiso tse rometsweng ka fekse di ke ke tsa amohelwa.
Ha ho hlokehe hore ho romelwe methiriele kapa ditokomane tse tshehetsang ka nako ya kopo. Baahlodi ba ka di hloka boemong ba netefatso.
Disampole (di-video, dikgatiso, dibroutjhara, di-CD/di-DVD) di ke ke tsa kgutlisetswa beng ba tsona.
Dimpho di ke ke tsa fetisetswa ho ba bang.
Baahlodi le metswalle ya bona ha ba tshwanela ho kenela dipuisano tse mabapi le ditlhahiso.
Tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona foromong ya tlhahiso le nakong tsa tshebetso ya netefatso e tlama semolao.
Tshebetso ya Kahlolo
Ditlhahiso di tla ahlolwa ke phanele ya baahlodi ba kgethuweng.
Moo ho hlokehang, ho tla iteangwa le batsamaisi ba projeke bakeng sa tiisetso, mme hona ho ka etswa ka e-meile, mohala, ka puisano le motho ka sebele le /kapa ka ketelo ya sebaka.
Baahlodi ba na le tokelo ya ho isa tlhahiso boemong bo tshwanetseng.
Tsamaiso
Ditlhahiso tsohle ananelwa mme di fuwe nomoro ya referense ya CPSI.
Dintlha tsa bao o Iteanyang le bona
Mohala: 012 672 2867
E SEBEDISWA KE BA OFISI FEELA
NOMORO YA REFERENSE: ...
KABO YA SEHLOPHA: ...
KAROLO YA 1
Lebitso la Mokgatlo / ya kenetseng: ...
Mofuta wa mokgatlo: ...
Lebitso la projeke e kenelang dikgau: ...
Karolo ya dikgau eo projeke e e kenetseng:(Tshwaya e le nngwe feela)
Mosibolli wa Lekala la Setjhaba wa selemo
Tshebedisano ya Tshibollo kabong ya ditshebeletso
Tshebediso ya Tshibollo ya Thekenoloji ya Tlhahisoleseding (IT) mabapi le kabo ya ditshebeletso e sebetsang hantle haholo
Dintlafatso tsa tshibollo ho mekgwatshebetso ya ka hare mmusong
Diprojeke tsa tshibollo tsa kabo ya ditshebeletso tse kenyelletsang mmuso wa Afrika Borwa ka tshebedisano le mmuso o mong wa SADC.
Provense: (moo projeke e leng teng)
Mpumalanga
Limpopo
Kapa Leboya
Boemo
Ba Naha
Provense
Selehae
KAROLO YA 2.
Lebitso la motho eo ho ka iteangwang le yena: ...
Lefapha : ...
Aterese ya poso: ...
Aterese ya bodulo: ...
Emeile: ...
Mohala: ...
Sele: ...
KAROLO YA 3
Mabitso a bathehi ba Projeke:
Mabitso a moifo o mong wa projeke?
Kakaretso ya Projeke: Ke ka baka lang ho qadilweng projeke? Projeke e na le dilemo tse kae e sebetsa? Projeke e ikemiseditse ho fihlela eng? Projeke e rarolla mathata afe? E na le tshibollo efe kapa e sibolla jwang? (Boholo ba mantswe a 500).
Dikatleho: Dintlha tsa bohlokwa / dikatleho tsa projeke ke dife? (Boholo ba mantswe a 500)
Bokgoni ba ho tswela pele le ho iphetapheta: Na projeke e ntshetswa pele le ho phetaphetwa jwang? Hlalosa ka moo mosebetsi wa lona o ka ntshetswang pele le ho phetwaphetwa ka teng, kapa o ntseng o ntshetswa pele le ho phetwaphetwa ka teng nqeng e nngwe, ho kae le teng ke bo mang? Fana ka bopaki ba tshebetso/diprojeke tse tswelang pele le tse phetaphetwang. (Boholo ba mantswe a 500).
Diphepetso le dithuto: Ke diphepetso dife tseo projeke e tobaneng le tsona? Ke dithuto dife tse bohlokwa tse ka abelanwang le ba bang? (Boholo ba mantswe a 500).
Re kopa hore o hlalose le ho bontsha ka moo projeke ya hao e fihlelang maemo a Dikgau malebana le karolo eo o e kenetseng. (Boholo ba mantswe a 200).
Na projeke e ile ya amohela tshehetso ya ditjhelete/tjhelete/tshehetso, mme tjhelete eo e ne e le bokae? Bolela tjhelete le batshehetsi ba ditjhelete.
Ha projeke e ka fenya, na tjhelete e tla sebedisetswa eng?
Ke mananeo afe a mang a dikgau ao projeke e a kenetseng?
Na projeke e ile ya kenela dikgau tsa CPSI pejana? Ha ho le jwalo, ka selemo sefe?
Na o utlwetse kae ka dikgau tsena?
Mosebetsi mmoho
Koranta / makasine
Radio
Lefapha
Re kopa hore o fane ka kgutsufatso ya projeke (mantswe a100) ( ka mokgwa oo o ratang hore a hlahelle ka teng phatlalatsong ya makgaolakgang le diqotsong tsa mokete wa dikgau)
Tiisetso ya projeke.
Nna, ... (Sefane le thaetlele) ke dumela hore tlhahisoleseding eo ho fanweng ka yona tokomaneng ena e nepahetse hape e ananetswe ke ... (Mabitso ka botlalo le thaetlele).
TSHAENO YA MOKOPI/BAKOPI
Nna /rona re dumela ho ikobela melawana ya Dikgau tsa Tshibollo tsa Makala a Mmuso tsa CPSI.
Mabitso ka botlalo: ...
Tshaeno: ...
Mohla: ...
RE A LEBOHA
